Ka letsatsi lena 5 Pherekhong 2021, sebini se matla sa Lesotho se neng se se se phela naheng ea Afrika Boroa moo a neng a tsamaisa likhoebo tse atlehileng, se ile sa timela.
Pelaelo ke hore sebini sena Rethabile Shadrack Mokete, ea neng a tumme ka lebitso la Khosi Mosotho Chakela, o ile a bolaoa ke lefu la COVID19 e neng e haketse haholo ka nako eo.
Leha koana ho na le bareng e se tla e be o shoele lefu la matsoho. Chakela o ne a laola mokhatlo oa poloko ea bafu o neng o le moholo haholo naheng ea Afrika Boroa ka litho tse 900 000 o neng o bitsoa Terene.
Empa hamorao, Terene ea qhetsoha hoa ba le e bitsoang Terene ea Khosi Mokata Lirope. Karohano ea Terene ea baka mafu a mangata a batho ho kenyeletsoa polao ea batho ba bangata Soweto, Afrika Boroa tameneng e nneng e bitsoa Nomzamo.
‘Minong Chakela ea neng a phela Bloemfontein Afrika Boroa a ahile teng, o ile a bina hara ba bang le sebini sa Kwaito, Doc Shebeleza, eo pina ea bona “Ha ke Tahelwe Ha Motho” sebini se tummeng sa Lesotho, Thaabe Letsie ea tummeng ka lebitso la Ntate Stunna, a ileng a enka ka selemo sa 2022 a e bitsa “Basadi Ba Batho”.



