Ka letsatsi lena 16 Mphalane 2023, baokameli ba litsi tsa ts’ireletso, sesole, sepolesa le mautloela, ba ile ba nts’a polelo ba ts’osa mang kapa mang ea batlang ho liha puso e eteletsoeng pele ke Tonakholo Ntsokoane Matekane.
Mojalefa Letsoela oa sesole, Pheello Ralenkoane oa mautloela le Holomo Molibeli oa sepolesa eo polelo e neng e bile e baloa ke eena, ba ile ba bua ka ho ts’osa le ho kenya ts’abo ho sechaba ka lereng ha ba na ho lumella puso ea Tonakholo Matekane e ketoloe.
Mootsi Lehata le Mathibeli Mokhothu ba Democratic Congress (DC) le Machesetsa Mofomobe oa Basotho National Party (BNP) ba ne ba ile ba kenya ts’isinyo ea ho hloka ts’epo ho Tonakholo Matekane.
Sena sa etsa hore Letsoela, Molibeli le Lenkoane ba bokanele polelo ea lits’oso ba ts’ose sechaba.


