Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMajoro o etsoa tonakholo ea lilemo tse peli

Majoro o etsoa tonakholo ea lilemo tse peli

Ka letsatsi lena 20 Mots’eanong 2020, eo ekileng eaba mookameli mokhatlong oa lefats’e oa lichelete (IMF) Dr. Moeketsi Majoro, o ile a hlapants’oa ele tonakholo ea Lesotho. 

Hona hoa mo etsa motho oa bobeli nalaneng ho kotsama setulo sa botonakholo empa ese moetapele oa mokha oa lipolotiki. Mosotho oa pele oa ho etsoa tonakholo empa ese moetapele ene ebe Sekhonyana Nehemiah ‘Maseribane ka eona khoeli eona ena ea Mots’eanong ka selemo sa 1965.

Dr Majoro o ne a buse lilemo tse peli feela. A phonyoha ho ketoloa ka makhetlo a mangata. 

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho