Ka letsatsi lena, 28 Phupu 1999, ea neng a qeta ho beha meja fats’e e le president ea naha ea Afrika Boroa, Nelson Mandela, o ile a eteloa ke monga pina e tummeng ea “Killing Me Softly” ekasitana le ho e bineloa.
Monga pina, Roberta Flack, o ne a etetse naha ea Afrika Boroa lekhetlo la pele, ‘me a khetha ho ikisa ka seqo ho Mandela ea neng a na feela le khoeli a theohile setulo sa puso.
Flack o ne a ile a hatisa pina ena ka selemo sa 1973. Eaba ka selemo sa 1996, sehlopha sa Fugees, se hatisa pina ena hape, ‘me ea boetse ea nka lefats’e ka setsokotsane.
Flack o timetse mathoasong a selemo sena. O ne a se a le lilemo li 88 tsa tlhaho.


