Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMoafrika oa pele oa ho ngola buka ea liable o’a timela

Moafrika oa pele oa ho ngola buka ea liable o’a timela

Ka letsatsi lena 8 Loetse 1948, teropong ea Teyateyaneng, Berea, Moafrika oa pele e mots’o oa ho ngola buka ea pale (novel), Mokopu Thomas Mofolo, o ile a timela a le lilemo li 71. 

Mofolo ea neng a hlahetse Ha Khojane, Mafeteng, ka selemo sa 1876, ke emong oa batho ba pele Lesotho mona ba ho etsa lengolo la matichere mane Morija ka selemo sa 1898. 

Bophelong ba hae o ingoletse feela libuka tse tharo. Ea pele eaba Moeti oa Bochabela ka selemo sa 1907, hona hoa mo etsa motho oa pele Afrika mona oa ho ngola buka ea lipale (novel). Ea bobeli, Pitseng. Ea ho qetela ea bitsoa Chaka. E fetoletsoe lipuong tse kang German, English, French le Afrikaans. 

Mora hae ea bitsoang Thomas Mofolo le eena ke sengoli. O tumme haholo ka buka e buang ka bophelo le puso ea morena Moshoeshoe empa ho sebelisitsoe lepata. Buka ena e tumme ka lebitso la Phakoana Ts’ooana. Ho fapana le ntatae, ea neng a hatisa Morija, Mofolo ea monyane eena o hatisitse Mazenod.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho