Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMoeti oa Motlotlehi o sitoa ho fofa ka lebaka la tlhokahalo ea...

Moeti oa Motlotlehi o sitoa ho fofa ka lebaka la tlhokahalo ea mabone Moshoeshoe I Airport 

Ka letsatsi lena, 29 Phupu 2014, president ea maoba ea naha ea Afrika Boroa, Jacob Zuma, o ne a hlolehe ho fofa boemafofaneng ba Lesotho lebitsong la tlhokahalo ea mabone. 

Zuma o ne a etetse Matsieng pitsong ea Motlotlehi Letsie III. 

Lena e ne e le lekhetlo la pele nalaneng Zuma a tla Lesotho. E ka ba ne ba ile ba teana le Khosi Rabasotho ho engoe ea likopano tsa African Union (AU) ‘me Rabasotho a memela Zuma Lesotho a bonts’a ho ts’oenyeha ke ka moo boralipolotiki ba neng ba busa ka teng ka selemo seo sa 2014. 

Empa hang kamora kopano ea bona, Zuma o ile a soaba ha a hloleha ho palama sefofane hobane ho le lefifi boemafofaneng ba Lesotho, a tlameha ho ea ts’oarela nonyana-ts’epe boemafofaneng bo Mangaung ho la Afrika Boroa. 

Sets’oants’ong ke ha Zuma a le Matsieng.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho