Ka letsatsi lena, 25 Loetse 1995, moahloli Winston Matanzima Maqutu, o ile a lia kahlolo nyeoeng eo moetapele oa bohanyetsi oa Basotho National Party (BNP) Retselisitsoe Sekhonyana, a neng a qositse eo e neng e le tonakholo ea Lesotho, Sejabanana Clement Ntsu Mokhehle.
Sekhonyana o ne a batla hore komisi ea liphuputso e neng e re Sekhonyana o ameha meferefereng ea lipolotiki ea 1994 moo ho bileng hoa ketoloa puso ea eena Mokhehle e thijoe ka lereng ha e molaong.
Lekhotla le ile la fumana kopo ea Sekhonyana e se na matla, eaba le e tjebela matjoing le ho laela Sekhonyana ho lefa lits’enyehelo tsohle tsa nyeoe.


