Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMokhehle o re Basotho ba sa mo lateleng ba furalloe

Mokhehle o re Basotho ba sa mo lateleng ba furalloe

Ka letsatsi lena, 9 Phupjane 1997, Tonakholo Ntsu Mokhehle o ile a arabela Lesotho ka phatlalatso e ileng ea fetoha lefu la Lekhotla la Mahatammoho, ha a tsebisa ho theha mokha o mocha, Lekhotla La Puso ea Sechaba ka Sechaba.

Ka letsatsi lena, 9 Phupjane 1997, mabaleng a paramente ea khale ea Lesotho, tonakholo ea naha ea ka nako eo, Ntsu Mokhehle, o ile a phatlalatsa puso encha.

Mokhehle o ile a re ho tloha ha a etsa phatlalatso eo lekhotla le neng le busa la Mahatammoho (BCP) ha e sa le puso.

A re puso o se a e theha ka mokha oo a sa tsoa o theha oa Lekhotla La Puso ea Sechaba ka Sechaba (LCD).

Mokhehle a nto re ha a qobelle batho ho ba ka ho LCD empa ba ratang ho ba ka pusong ba tle ka ho eena ba ratang ho sala ka ho BCP ba etse joalo feela ba tsebe ba se ba furaletsoe.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho