Ka letsatsi lena 8 ‘Mesa 1879, Basotho ba 1 500 le masole a makhooa a 800 ba ile ba hlasela morena Moorosi qhobosheaneng ea hae, Mount Moorosi. Empa ba shapuoa hampe mpe ba khutla ts’iba ho lla tse ka mahafing.
Ho ile hoa bolaoa Basotho ba fetang 25, ba ne ba akha Mabusetsa mora oa morena Moshoeshoe. Lena e ne e le lekhetlo la pele ho hlaseloa qhobosheane ea morena Moorosi. Empa ene ele lekhetlo la bobeli, sechaba sa morena Moorosi se futuheloa. Lekhetlo la pele makhooa a ne a hlasele Baphuthi seforong sa Motele, haufi le Pokane moo ho neng ho bolaoe Baphuthi ba 40 ba neng ba akha Rats’oanyane le Mohlobolile.
Ke ntoeng ena moo leha makhooa le Basotho ba hlotsoe, masole a mabeli a makhooa eleng Sergeant Robert Scott le Trooper Peter Brown a ileng a putsoa ka likhau tsa boemo bo holimo tsa bohlabani tse bitsoang Victoria Cross. Ba putsetsoa ho ba sebete.
Makhooa le Basotho ba ile ba boela ba leka ho hlasela morena Moorosi hape ka khoeli ea Phupjane, empa ba boela ba shasharoa hampe Mt Moorosi ba khutlela morao. E boetse ke ntoeng ena moo makhooa le Basotho ba hlotsoeng, moo lesole la lekhooa le bitsoang Surgeon Major Edmund Hartley a ileng a tlotloa ka khau ea Victoria Cross.
Surgeon Major Hartley, eena o ne a se a phela Pokane moo a neng a fihle ka selemo sa 1874. Fort Hartley eleng lebitso le leng la Pokane, e reheletsoe ka eena. O ne a phekolela batho moo ele ngaka. Hamorao a etsoa ngaka ea ‘muso ea setereke (Quthing district surgeon). Le hoja ebile ngaka ea pele ea ‘muso Lesotho, Hartley o ne a se na mangolo a feletseng a bongaka. O ne a feletse boemong ba diploma feela sekolong.
Ke ka Pulungoana ha Basotho le makhooa ba atleha ho hlasela morena Moorosi ka hore ba nyenyelepe ka lileri bosiu eaba ba khona ho hloella ka holima Mount Moorosi, ba nto bolaea morena Moorosi.
Sets’oants’ong ke morena Moorosi. Sona se takuoe ke moruti Frederic Christol ea neng a ruta Mafeteng.
Setšoantšo: Morena Moorosi · Mohloli: Frederic Christol



