Ka letsatsi lena 30 Tlhakubele 2023, moparamente oa Lesotho ebile e le moetapele oa mokha oa Pompo (BCM) Ts’epo Lipholo, o ile a kenya ts’isinyo ea hore Afrika Boroa e khutlise naha ea Lesotho eo e e jeleng nakong ea bohanyapetsi.
Ts’isinyo ea Lipholo e ne e se ea pele. Ka selemo sa 1998, Advocate Tankiso Hlao, o ne a teke taba e ts’oanang ka ntlong ea Mahosana — ea nto ananeloa ke paramente empa hoa hlaha likhohlang tsa sepolotiki tse ileng tsa qetella ka hore ho chesoe teropo ea Maseru.
Eaba esale maparamente a momela ho fihleletse ha Ts’epo Lipholo a boetse a e phanyaola hape ka paramenteng. Empa maparamente a ba sechele.
Sets’oants’ong ke noka ea Lekoa eo ekang ke oona moeli oa Lesotho le Afrika Boroa — Foto: Bohlokoa Media


