Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMoparamente oa lekhooa o lla ka khethollo ea ‘mala Lesotho

Moparamente oa lekhooa o lla ka khethollo ea ‘mala Lesotho

Ka letsatsi lena 15 Ts’itoe 1958, James Johnson, moparamente oa Manyesemane o ile a isa potso paramenteng ea Brithane hore na khethollo ea ‘mala Lesotho e tla fela neng. 

Johnson o ile a bonts’a ha libaka tse kang hotele ea Lancers Inn, Maseru, e hanela Basotho ho kena moo e lumella makhooa feela. Le Motlotlehi Mofumahali ‘Mants’ebo o’a haneloa. 

Lancers Inn e ne e se ngoe, le libaka tse kang Maseru Club, Basotho ba ne ba sa lumelloa ho kena. 

Johnson a boetse a re ke kapele hakae ho tla etsoa feme ea likobo Lesotho ka lereng Basotho ba na le linku tse fetang 1 million empa ho nkuoa boea ba linku tsa bona ho etsoa likobo linaheng tsa kantle li khutlele Lesotho ho tla rekisetsoa Basotho.

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho