Ka letsatsi lena 8 Pherekhong 1912, ene ele ha mokha o busang Afrika Boroa (ANC) o thehoa.
Ke ka letsatsi lena moo Mosotho oa Roma, Mokhokhong, ea bitsoang Mochekoane Philip Molise a neng a khethoe ele president ea pele ea nakoana ea ANC eo e neng e bitsoa South African Native National Congress (SANNC) ka nako eo pele e fetola lebitso e bitsoa African National Congress (ANC) ka selemo sa 1923 tlasa ketapele ea Sefako Makgatho.
Komiti ea ts’ebetso (executive committee) ene e khethoe boesa. Eaba Mochekoane Molise o theoha setulo a suthela moruti Langalibalele John Dube ea neng a khethoe a le sieo. Ka ho ts’oana le morena Letsie II a khethoa a le sieo ele emong oa lo honorary president tsa ANC.
Morena Letsie II ea neng a sa rate ho tsamaea, o ne a emetsoe ke rangoanae morena Maama Letsie eleng morena oa sehloooho oa Roma, Ha Maama le mongoli oa hae (oa morena Letsie II) eleng Mochekoane Molise ekasitana le Josiah Mopeli.
Mochekoane Molise o bile a koala seboka letsatsi le hlahlamang kamora khetho ea litho tsa komiti. A laea bohle ho etsisa morena Moshoeshoe I ea neng a labalabela hore Maafrika a kopane ebe ntho ele ngoe. O ne a thehile setsoalle le Sekhukhune morena oa Bapeli, Fako morena oa Maphonto, Adam Kok morena oa Baroa le marena a merabe emeng. Molise a re ha Maafrika a ka ts’oarana eaba ngata ele ngoe ba ka fenya liqholotso.
Fotong ea bokanetsoeng ke sekhilikoenyane se sefubelu ke Mochekoane Molise.


