Ka letsatsi lena 9 Ts’itoe 1998, ka khothaletso ea mokhatlo oa linaha tsa Afrika e Boroa (SADC) Advocate Lekhetho Rakuoane le Dr Khauhelo Raditapole ba ile ba fuoa borinapere ba hore ba be matleng a ho tlosa puso ea Tonakholo Pakalitha Mosisili pusong.
Bobeli bona bo ile ba fuoa thomo ea ho etellapele lekhotla la nakoana la puso la lipolotiki le ileng la tuma ka lebitso la Interim Political Authority (IPA).
IPA e ile ea fuoa matla a ho beha komisi encha ea likhetho kamora hore moahloli Pius Langa a re komisi e neng e eteletsoepele ke Sekara Mafisa e tlosoe.
Langa o ne a itse puso ea Tonakholo Pakalitha Mosisili e nke feela likhoeli tse 18 ho uoe likhethong moo ho tla khethoa bocha ka ha tseo Tonakholo Mosisili a li hapileng li ne li sa tsamaisoa hantle.


