Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryThomas Mofolo o thehela Basotho mokha oa lipolotiki 

Thomas Mofolo o thehela Basotho mokha oa lipolotiki 

Ka letsatsi lena 29 Pulungoana 1907, Mokha oa Matsoelopele (Basotuland Progressive Association) o ile oa thehoa ke barutehi le baruti ba ka nako eo, Thomas Mokopu Mofolo, Simon Majakathata Phamotse le moruti Cranmer Sebeta, ea ileng a etsoa moetapele. 

Mokha ona o ile oa keneloa ke marena, baruti le barutehi feela, ‘me oa qosa hore Basotho ba sa rutehang ebile e se marena e le bafo, ba khethe ho ikemela ba thehe Lekhotla La Bafo. 

Sets’oants’ong ke sefika sa Thomas Mofolo eo buka ea hae, Chaka, e nkoang e le boemong ba 12 ho libuka tse 100 tse hloahloa Afrika eohle. Sefika sena se Bloemfontein, Afrika Boroa.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho