Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryTloutloe e fuoa le lecha

Tloutloe e fuoa le lecha

Ka letsatsi lena 10 Phupu 1863, lebitso la Sesotho la motse oa Tloutloe le ile la fetoloa ke baruti ba makhooa ba ileng ba abeloa sebaka seo, ba neng ba eteletsoe pele ke Bishop Franqois Allard OMI. 

Bao ba tlosa Tloutle ba fana ka lebitso la “MOTSE OA ‘MAJESU”. Empa Basotho ba lula ba re ba sa ea “Roma” eleng hore moo ho fumanehang batho ba litaba tsa kereke ea Roma (Roman Catholic). Ke ha ho se ho tuma lebitso “ROMA”. 

Ho feta mona moetapele oa kereke, Bishop Allard, a kula hampe a tlameha ho khutlela ha habo France, eaba o siea tsamaiso ho mohlahlami oa hae, Father Joseph Gérard. 

Le kajeno moetapele ea tummeng haholo ke Gérard ho feta Allard. 

Lilemo tse peli feela baruti bao ba fihlile moo Tloutle, eleng ka 1865, ba  lata sehlopha sa basali ba baitlami ba tummeng ka hore ke bo sestere. Moifo o ne eteletsoepele ke mosali ea bitsoang Mary Joseph Aigott. Eare ha ba fihla feela ba bula high school ea pele Lesotho mona eleng St. Mary’s High School e rehelloa ka ‘Majesu (St Mary’s) eleng hore e khutlela lebitsong lane la pele.

 e fuoa le lecha

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho