Ka letsatsi lena la 22 Loetse 1998, masole a ka bang 3500 a Afrika Boroa le Botswana a ile a “hlasela” Lesotho. Batho ba ka bang 76 ba ile ba bolaoa; baahi ba 50, masole a LDF a 18 le masole a Afrika Boroa a 8 (leha masole a Botswana a ile a fihla morao ’me palo ea masole a Afrika Boroa a bolailoeng e ntse e tsekoa, mehloli e meng e re e ne e le holimo haholo).
Sena se etsahetse matsatsinyana kamora hore ho nts’oe sephetho sa liphuputso tsa likhetho tse neng li belaetsa tsa 1998, liphuputso li ne li eteletsoe pele ke moahloli Pius Langa oa Afrika Boroa


