Sunday, May 19, 2024
spot_img
HomeToday In HistoryBaphuthi ba fallela Herschel 

Baphuthi ba fallela Herschel 

Ka letsatsi lena, 6 Mots’eanong 1848, morena oa Baphuthi morena Moorosi ‘moho le sechaba sa Baphuthi ba ile ba fallela Tulumaneng, eo kajeno eseng e bitsoa Herschel, ba tloha Maphutseng, Mohalesuku. 

 Morena Moorosi o ile a phela thabeng

eo ea Tulumaneng ele qhobosheane ea hae ea pele ho fihleletse ka selemo sa 1870 ha ‘musisi oa Lesotho oa ka nako eo, James Henry Bowker, eo a neng a bile a qeta ho fihla Lesotho ka sona selemo seo, a ela morena Moorosi ka liphalana hore joaloka mofu morena Moshoeshoe, le eena a “ tholoe” ke Mofumahali Victoria oa Manyesemane. 

 Ba ne ba teane kampong ea Phatlalla ba ena le John Austen eo eneng ele ‘musisi oa Quthing, oa ho bolaeloa Mount Moorosi a ba a khaoloa hlooho ka nako ea Ntoa ea Moorosi. Lilemo tse 9 kamora ho ananela kopo ena, morena Moorosi o ne a bolaeloe qhobosheaneng ea hae ea bobeli, Mount Moorosi, Quthing, ke sekhakhatha sa makhooa a neng a entse poho patisa le Basotho ba morena Letsie ka lereng o “thobisitse bara ba hae teronkong”.

RELATED ARTICLES

LEAVE A REPLY

Please enter your comment!
Please enter your name here

- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments