Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryBasotho ba chesa lebenkele la bone Lesotho 

Basotho ba chesa lebenkele la bone Lesotho 

Ka letsatsi lena 4 Mphalane 1880, le nkele la pele seterekeng sa Mohale’s Hoek ebile e le la bone naha ka bophara eleng la Frazers, le neng le le Liphiring le ile la chesoa ke Basotho. 

E ne e le ka meferefere ea Ntoa ea Lithunya moo Basotho ba neng na arohile likoto, ba bang ba matha kamora makhooa, ba bitsoa Mateketoa, athe ba bang ba hana ha makhooa a ba amoha lithunya, bina ba bitsoa Mabelete. 

Ke Ka letsatsi le ts’oanang ha teropo ea Maseru le eona e tla chesoa lekhetlo la pele. La bobeli e ne ebe ka selemo sa 1998 ka meferefere e neng e bakoe ke ho hloka mamello le kutloisiso litabeng tsa phatlalatso ea komisi ea lipatlisiso e neng e eteletsoepele ke moahloli Nkonzo Pius Langa.

Sets’oants’ong ke lebenkele la pele la furniture kahara Maseru la eona Frazers.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho