Ka letsatsi lena, 3 Mphalane 1966, ebile e le letsatsi la ho qetela lifolakha tsa naha ea Britain li fokaela Lesotho, ho ile hoa buloa sefika sa pele sa morena Moshoeshoe 1.
Sefika se ne se betluoe ke moahi oa naha ea Belgium ea bitsoang Eugene-Leone Bouffa, ‘me se ile sa hlongoa thabaneng ea Ha Koali pela motse o neng o qeta ho senngoa oa Ha Koali, tlasa moo ho neng ho lula mobusi ea busitseng nako e telele ho feta bohle eleng Colonel Charles Duncan Griffith eo Basotho ba neng ba mo bitsa Fako, eo “Motlotlehi” oa pele oa Basotho oa ho ba Mokreste, morena Nathanaele Griffith a reheletsoeng ka eena.
Kajeno moo Charles Duncan Griffith a neng a lula teng, ke ntlokholo ea ‘muso oa Lesotho, ho bitsoa GOVERNMENT COMPLEX kapa QHOBOSHEANENG.
Sets’oants’ong Motlotlehi Moshoeshoe II ka Seanamarena sa Poone, o etellapele khakolo ea sefika a potapotuoe ke lifolakha tsa Manyesemane tse neng li fokaela la ho qetela. Sefika se hlahisa morena Moshoeshoe e ka o akhetse mashalimo naheng ea Freistata eo a ileng a e falatsoa.


