Ka letsatsi lena 3 Loetse 2018, ho ile ho’a phatlalatsoa mabitso a Basotho ba pele ba ileng ba hirisetsa ‘muso makoloi a bona.
Sena se ne se etsoe kamora ho bulela boiketo ba mosebetsi o moholo (tender).
‘Muso o ne o qhale leano la ho ithekela makoloi ka selemo sa 1998 tlasa bolisa ba Tonakholo Pakalitha Mosisili. E le ha ho qhaloa se neng se bitsoa Plant and Pool Vehicle Services (PVPS).
Eaba ka selemo sa 2002 ho fuoa company ea Afrika Boroa, Imperial, monyetla oa ho hirisetsa ‘muso makoloi ho fihleletse ka selemo sa 2007. Imperial ea hlahlangoa ke company engoe ea Afrika Boroa e bitsoang Avis, empa ea lelekoa pele nako ea eona e fela. Hoa kenngoa company ea boraro joale ea Afrika Boroa e bitsoang Bidvest.
Ke mona moo ‘muso o ileng oa nka qeto ea ho hira likoloi tse 1 400 tsa Basotho.


