Ka letsatsi lena 4 Tlhakubele 1888, Francois Maeder, motho oa pele oa ho teroea Basotho o ile a timela a le lilemo li 77.
Maeder o ne a tle Lesotho ka ts’ohanyetso. O ne a felehelitse basali ba makhooa ba Mafora ba neng ba tlo nyaloa ke baruti ba Mafora ba neng ba le Lesotho mona ka selemo sa 1837.
Basali bao ba tletsoe bo Eugene Casalis, Thomas Arbousset le Constant Gosselin ba neng ba phela Lesotho mona. Eaba Constant Gosselin o hana ho ea basaling a re o “phathahane” (busy).
Eaba mosali ea bitsoang Clarisse Delatte ea neng a lokela ho khutlela France hobane lenyalo le mo hlotse, Maeder a ba sa inkela eena.
Maeder a sebetsa le moruti Arbousset ho fetolela mangolo a mabeli a Luka le Mareka Sesotho. Ba etsa Bibele ea pele ea Sesotho e buka li peli feela. E ne e le ka Ts’itoe 1839.
Ka Loetse 1843, moruti Arbousset a re Maeder le mosali ba tle lula le eena Morija. A fihla a aha ntlo eo kajeno eseng e le Morija Museum & Archives. Kamora mona ka 1847 a aha kereke ea Morija e ntseng e le teng le kajeno. A nka lilemo tse 10 a ntse a e aha.
Ka 1844 moruti Arbousset a isa bara ba morena Moshoeshoe sekolong Kapa. Eaba o kopa Maeder ea neng a se na mangolo a boruti a etse certificate sa ho taka le ho haha sekolong a sa le a ntse a ruta Basotho.
Ke moo Maeder a ileng a qala a taka Basotho ba bangata a sebelisa pents’ele (pencil. A taka morena Mokhachane, nkhono Kholu, morena Letsie, morena Molapo, molaoli oa mabotho Makoanyane le batho ba bang ba bangata.


