Ka letsatsi lena, 16 Phato 1871, lekhooa le neng le thehe sepolesa sa Lesotho, ho bolaea morena Moorosi ekasitana le ho qapa sekete (pound fee) o ile a hlomamisoa kapela Basotho e le eena ‘musisi.
Lekhooa lena eleng Colonel Charles Duncan Griffith, o ne a hlahele Afrika Boroa ka selemo sa 1830, e le mora oa Lieutenant Charles Griffith eleng mofalli ea neng a tle Afrika Boroa ka sekepe ka selemo sa 1820 a tsamaea le bafalli ba bang ba makhooa ba 37 bao boholo, e neng e le masole. Hara bona ho akha Lieutenant Daniell. Bobeli bona ke bona batho ba pele ba ho tlisa linku tsa farelane hloahloeng ena eo re phelang ho eona.
Ke ka nako eo ea peho ea Charles Duncan Griffith ha ho tla tsoaloa morena Fako Nathanaele Griffith Lerotholi eleng ea neng a “hlohonofatse” sehlopha sa Matlama le hore se sebelise “logo” ea morena Moshoeshoe. Bana ba morena Griffith Lerotholi ke bona ba busang Lesotho kajeno.
Haele hantle matsatsi a 5 pele ho peho ea Charles Duncan Griffith, ka la 11 Phato 1871, e ne e le ha lekhooa le bitsoang Sir Henry Barkly a fana (annex) ka naha ea Lesotho ho puso ea Kolone Kapa (Cape Colony). Barkly o ne a rata ho itinkeletsa ka mabanta a masole. Eaba Basotho ba mo reha RAMABANTA. Ke ha morena Lerotholi a tla reha emong oa bara ba hae, Ramabanta. Le ho mo abela naha mona moo ho seng ho bitsoa Ha Ramabanta kajeno.
Hara mesebetsi ea Charles Duncan Griffith eaba:
Ho theha sekete ka la 22 Phupu 1872.
Ho theha sepolesa ka la 26 Mphalane 1872.
Ho bolaea morena Moorosi ka la 20 Pulungoana 1879.
Charles Duncan Griffith, eo Basotho ba neng ba ‘mitsa Kerefisi, o ile a busa Lesotho, ebile e le eena ‘maseterata oa pele e moholo (first chief magistrate) ho fihleletse ka la 25 Phato 1881 le hoja lipakeng mona a ne a ntse a lomisana setulo sa puso le Emile “Lefeta” Rolland, eo setereke sa Mafeteng se reheletsoeng ka eena.
Bophelong ba hae Lesotho mona, o ne ahile holima thaba ena e bitsoang Griffith Hill moo kajeno eseng ele ntlokholo ea ‘muso oa Lesotho. Sebaka seo se bitsoa Qhobosheaneng (Government Complex). Mehleng ea hae, o ne a hana le ha makhooa a habo a robala mono.
O ne a shoe ka selemo sa 1906. A shoella ha habo England a le lilemo li 76.


