Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMotlotlehi o mamela Manasi o liha puso

Motlotlehi o mamela Manasi o liha puso

Ka letsatsi lena 15 Phato 1994, kamora ho bala lengolo leo a ileng a le fuoa ke sekhakhatha sa Basotho National Party (BNP) ba seng ba ipitsa Manasi ekasitana le ba Marematlou Freedom Party (MFP), Motlotlehi Letsie III o ile a ketola puso.

Puso ea ileng a e shebisa tlase ke e neng e eteletsoepele ke Ntsu Sejabanana Mokhehle oa Basutoland Congress Party (BCP).

Manasi a ne a re Mokhehle o hana ho busetsa Motlotlehi Moshoeshoe II litulong ka hona a shebisoe tlase. A fela a shebisoa tlase.

Hamorao Mokhehle o ne a busetsoe tlasa pallo ea hore a amohele ho busetsa Motlotlehi Moshoeshoe II litulong eleng pallo eo a neng a e phethe ka lekhonono.

Eare ha a le litulong Motlotlehi Moshoeshoe II a nka selemo feela a busa a shoa ka lefu la koloi.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho