Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryLesotho le nkeloa naha lekhetlo la pele ke makhooa 

Lesotho le nkeloa naha lekhetlo la pele ke makhooa 

Ka letsatsi lena 27 Phato 1849, meeli ea pele ea Lesotho le jooeng ke makhooa e ile ea phatlalatsoa. 

E ile ea phatlalatsoa ke Henry Warden eena a fuoe taelo ke Harry Smith enoa eo motse oa Harrismith o reheletsoeng ka eena. 

Eka Smith eo e neng e le ‘musisi oa Kolone Kapa, o ne a ile a robatsoa ka leqeba ke hore morena Moshoeshoe o ile a tsoa tlase tumellano ea moo a neng a kholisoa £75 ka selemo eo kajeno e ka bang £19 000 kapa M334 000 ka Maloti, hore a thibele Maburu a seke a jaka Freistata. 

Empa ka pelo ea hae e bonolo, morena Moshoeshoe a lumella Maburu ho aha Freistata. Athe ba tla mo saretsa naha.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho