Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMosisili o hana sephetho - o baka sephetho se chesang teropo

Mosisili o hana sephetho – o baka sephetho se chesang teropo

Ka letsatsi lena, 26 Phato 1998, moahloli oa naha ea Afrika Boroa, Nkonzo Pius Langa, o ile a nts’a tlaleho ea liphuputso tsa manyofonyofo a likhetho tse akaretsang tsa naha tsa selemo sa 1998. 

Likhetho li ne li ile tsa supa ha Lekhotla la Puso ea Sechaba (LCD) le hapile likhetho tseo ka lipalo tse ileng tsa belaetsa. 

Thabo Mbeki eo e neng e le motlatsi oa president ea Afrika Boroa, Nelson Mandela pusong, o ne a ile a khothaletsa hore ho etsoe liphuputso eaba o romella moifo oa bana ba sekolo o neng o akha le batho ba litsebo tlasa botataise ba moahloli Langa.

Pele ho liphuputso, eo e neng e le tonakholo ea Lesotho, Pakalitha Mosisili, o ne a ile a re ha ho ka fumanoa manyofonyofo o tla itokolla. 

Langa a fela a a fumana manyofonyofo. Eaba Mosisili o itoma mohatla o re ha a ka bonts’oa moo ho ngotsoeng bobolu o tla itokolla. Ho ne ho se moo Langa a buileng ka bobolu. 

Eaba ke moo Mbeki a khoaelang tlaleho ka lereng e ke e liehe ho hlahisoa sechabeng e tla baka pherekano. 

Ke moo sechaba se neng se jele masoko se ileng sa tseka hore Langa a nts’e sephetho. 

Eare ha mabotho a Afrika Boroa a kena Lesotho, sechaba sa chesa teropo ka lereng ba tseka sephetho.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho