Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMokhothu ke mofu o phethoha ka Sekosekara

Mokhothu ke mofu o phethoha ka Sekosekara

Ka letsatsi lena 30 Ts’itoe 1875, morena Adam Kok oa Boraro, eo e neng e le morena e moholo oa Bakhothu, o ile a liheloa ke sekosekara a shoa. 

Morena Adam Kok III o ne a shoelle Kokstad eleng moo a neng a fuoe ke morena Sekhonyana mora oa morena Moshoeshoe e ne ebile e le lesea la pele la ho hlahela Thaba Bosiu. 

Empa kamora ho fuoa Kokstad e pela Matatiele e reheletsoeng ka Matatiele monna oa Mophuthi, morena Adam Kok III eleng mora oa morena Adam Kok II motsoalle oa morena Moshoeshoe mothehi oa Sechaba sa Basotho, o ile a leleka morena Sekhonyana Matatiele. 

Ke ha morena Sekhonyana a tla balehela Quthing. A qetella a se a phela Ha ‘Mantsoepa.

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho