Ka letsatsi lena 2 Pherekhong 1980, Banka e kholo ea Lesotho e ile ea qala ts’ebetso lekhetlo la pele. Empa e ne e bitsoa Lesotho Monetary Authority. E ile ea fetohela lebitsong la kajeno la Central Bank of Lesotho lilemo tse peli kamora mona eleng ka khoeli ea Phato 1982.
Mookameli oa eona oa pele (governor) e ile eaba Ezekiel Kobeli Molemohi eo pele a khetheloa boemo bona e neng e le mohlanka oa ‘muso a sebetsa lekaleng la lichelete. Empa o ile a nka likhoeli tse 8 feela.
Ka la 8 Pulungoana 1982 ho ile hoa khethoa Stefan Schönberg ea neng a tsoa naheng ea Germany e le eena mookameli. Stefan Schönberg o ne a kalimanoe (secondment) ke ‘muso oa habo oa Germany. O ile hlahlangoa ke Erik Lennart Karlsson ea neng a tsoa naheng ea Sweden ka selemo sa 1985.
Eaba ka selemo sa 1988 ka nako ea puso ea sesole, ho khethoa Mosotho, Mothae Anthony Maruping, eaba mookameli ho fihleletse ka selemo sa 1998. Hajoale Maruping ke molulasetulo lefapheng la African Risk Capacity (ARC) kahara mokhatlo oa linaha tsa Afrika (AU).
Maruping a hlahlangoa ke Stephen Mustapha Swaray ea neng a tsoa naheng ea Sierra Leone. Swaray a nka lilemo tse 3 feela kaha ka selemo sa 2001, ho ile hoa khethoa Motlatsi Matekane e le eena mookameli.
Matekane o ile a hlahlangoa ke Moeketsi Pius Senaoana ea sa kang a qeta nako ea hae kaha a ile a khaoletsoa ke lefu la mofets’e.
Ke moo lekhetlo la pele nalaneng, motho oa mosali, Rets’elisitsoe Adelaide Matlanyane, e ileng eaba mookameli ho tloha ka Pherekhong 2012 ho fihleletse ka selemo sa 2021. Hajoale ea keneng lieteng tsa Matlanyane ke Maluke Emmanuel Letete.
You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.
Create free account


