Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryNtoa ea Lithunya Lesotho e’a ropoha Mafeteng

Ntoa ea Lithunya Lesotho e’a ropoha Mafeteng

Ka letsatsi lena la 13 Loetse 1880, sebakeng sa Qalabane Mafeteng, Ntoa ea Lithunya e thome. Ea lateloa ke ts’enyo ea sekolo sa pele sa English Medium Lesotho se neng se le mona moo eseng ele Vodacom Lesotho pela Maseru Club. Sekolo sa chesoa ke morena Masopha ka seqo. Ke mohla ho tla bolaoa mora hae, Mosiuoa. 

Lebaka la hore Basotho ba hlaseloe ene ebe la hore ka nako ea Ntoa ea Moorosi, ‘musisi Gordon Sprigg o ne a bone Basotho ba fetang 7000 ba hlometse ka thata ka lithunya joale eare ha ‘muso oa makhooa o pitla Basotho ka lekhetho la Ponto ele ngoe, Basotho ba hana ho le patala. Ba shata ba kokositse lithunya, eaba Sprigg o re Molao oa 1878 o neng o hanela batho ba bats’o ho ts’oara lithunya o tlisoe Lesotho. 

Eba Basotho ba beheloa letsatsi lena hore Mosotho emong le emong a be a khutlisitse sethunya. Ba neng ba lumela ba ts’episoa ho fuoa chelete. Athe makhooa a ba thetsa a tla ba fa feela kotikoti ea jeme hore ba tlotse bohobe le tekete e ngotsoeng ka letsoho eo e neng e bitsoa “bopaki”. Basotho ba hanang ho khutlisa lithunya ba bitsa ba fanneng ka tsona “Mateketoa” eleng hore ba fupereng litekete. 

Athe ba neng ba hana ka lithunya, makhooa a ba bitsa “Mabelelete” eleng hore batho ba hlaha. 

Ntoa ena ea kupa ho tloha ka 1880 ho isa selemong sa 1881. Basotho ba hlola Ntoa eo. Ke ha Lesotho le tla khaotsa ho busoa Kolone Kapa. 

Fotong ea apereng liaparo tsa molaoli oa sesole, ke morena Masopha, o eme le Pheane Kheleli ea tenneng ts’eea a roetse khau molaleng, hloohong a roetse sekola, matsohong a fupere mokhele le thebe ka letsoho la leqele, athe ka letsohong le letona o ts’oere lerumo.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho