Ka letsatsi lena 12 Loetse 1995, akhente ea Mosotho, Thabang Khauoe, ea neng a le lilemo li 46 ka nako eo, o ile a pitloa ka kahlolo ea ho lefa lits’enyehelo tsa nyeoe kamora hore a tseke ho theola Motlotlehi setulong sa puso.
Khang ea Khauoe e ne e le hore Sesotho ha se lumele hore Motlotlehi Letsie III e le ngoana oa Motlotlehi Moshoeshoe II a ka theoha setulo sa puso a re o suthela ntate oa hae, a re ke ntate feela ea ka sielang ngoana eseng ngoana a re o siela ntatae.
Moahloli Enoch Dumbutshena ea neng a hlaha naheng ea Zimbabwe o ne a fane ka kahlolo ea hore akhente Khauoe ha a na kobo ea bohali litsekong tsa borena ka ha e se morena.
Moahloli Dumbutshena a boela a laela hore akhente Khauoe a lefe lits’enyehelo tsohle tsa nyeoe ho kenyeletsa le liakhente tsa Motlotlehi.
You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.
Create free account


