Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryQoakha ea ho qetela ea naha e’a shoa 

Qoakha ea ho qetela ea naha e’a shoa 

Ka letsatsi lena 12 Phato 1883, qoakha ea ho qetela e neng e bolokuoe serapeng sa liphoofolo naheng ea Netherlands e ile ea shoa. E ne e nkuoe Afrika Boroa. 

Lefats’e le ile la lemoha hamorao hore e ne e le eona ea ho qetela. Ka ha liqoakha li ne li thunngoe ke makhooa ha fihla Afrika Boroa, Lesotho le linaheng tse ling ka lereng li qetela linku le lipoli lekhulo. Ho feta makhooa a rata nama ea tsona haholo. 

Qoakha e ne e fumaneha Lesotho, Afrika Boroa le linaheng tse ‘maloa tsa Afrika feela lefats’eng ka bophara. 

Qoakha ha e na lebitso la sekhooa e ntse e bitsoa “quagga” eleng lebitso leo e le fuoeng ke Bakhothu le bolelang “pitsi”. 

Ho ea ka liphuputso tsa boramahlale, Qoakha ke mochana oa zebra empa ka kotloloho zebra e bitsoang damara zebra e neng e fumaneha ka bongata Lesotho mona. 

Ka selemo sa 1987, boramahlale ba nka damara zebra ba leka ho hlahisa qoakha hape. Ba ne ba atlehe kamora lilemo tse 18 eleng ka la 20 Pherekhong 2005. Hajoale liqoakha li khutlile ka bongata le hoja ho na le boramahlale ba reng tsena tse teng ke tsa mamphelipheli ha se tsona hantle. 

Ka bomalimabe, ke naha ea Burundi le Lesotho feela tse sa its’oenyang hore li tsosolose liqoakha kapa ho boela li rua li damara zebra joaloka khale.

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho