Ka letsatsi lena 21 Phupu 1969, e le Mantaha hoseng ka matjeke ha nako e le metsotso e mene pele ho hora ea bohlano hoseng, Maamerika a mabeli a ile a tsorama khoeling.
Ho ile hoa theoha Neil Armstrong, ‘me a saloa morao ke Edwin
“Buzz” Aldrin. Empa ba ne ba tlohile lefats’eng ba le bararo. Empa temaneng ea hore tsa tsela ha li tsejoe, oa boraro, Michael Collins, o ile a sala e le tlhoeli sepakapakeng.
Bobeli bo ile ba qotsa mobu le ho pokothela majoe. Empa ha siea molaetsa oa thomo ho tsoa lefats’eng o neng o re ba tlisitse khotso.
Emong oa ba neng ba tekenetse molaetsa ona ke tonakholo ea Lesotho ea ka nako eo, Leabua Jonathan.
Hona ho etsa Leabua Jonathan Mosotho a le mong to ka monoana nalaneng eo lebitso la hae le fokaelang hole sepakapakeng.
You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.
Create free account


